Monate wa Puo Grade 7 Learner’s Book

R15,42

Monate wa Puo e ngotswe ho latela ditlhoko tsa Lenaneo la Setatemente sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso. Buka ena ya morutwana e tlo o thusa ho ba le tsebo e tebileng ya bokgoni ba puo ya lapeng. Monate wa Puo e nehelana ka dithuto tse fupereng bokgoni ba: Ho mamela le ho bua, Ho bala le ho boha, Ho ngola le ho nehelana hammoho le Dibopeho le melao ya tshebediso ya puo. Bokgoni bohle bo ithutwang bo hokahantswe ka bokgabane bo babatsehang ho tsosa thahasello ya morutwana le ho mo nolofaletsa ho sebedisa buka ena ntle le bothata ba letho. Buka ya Morutwana e kgaba ka makgetha ana: • e na le ditema tse fapafapaneng tsa ho bala le ho boha • saekele ya dibeke tse pedi e na le mookotaba o ikgethang, o lohelletsweng ka tsela e kgahlang ho netefatsa hore bokgoni bohle bo entswe ka ho phethahala • mesebetsi ke e mengata e ka etswang ke morutwana a le mong, barutwanammoho kapa ka dihlopha • ho kenyelleditswe le tlhahisoleseding ho thusa morutwana ho tseba le ho ba motlotlo ka setso le botjhaba ba hae • qetellong ya saekele ya beke tse pedi ho na le mosebetsi wa tekanyetso ya kgaolo bakeng sa boikgopotso ba se ithutilweng. Monate wa Puo Kereite ya 7 ke mohlodi wa bohlokwa wa barutwana ba ratang ho ntlafatsa le ho ntshetsa pele tsebo ya bona ya puo ya Sesotho.

Authors

,

Language

Publisher

ISBN

9781430732587_3yr

Number Of Pages

256

File Size

34.94 mb

Format

EPUB

Edition

1

Published

01-07-2017